TAOLO LE BOHLOKOMEDI HO LATELA MOLAO WA SETSO
Nomoro ya mohala ke: 012 6617473
MOLAO WA SETSO WA SETHATHONG LE O AKARETSANG
Pele ho tla phetoho ka lebaka la Molao wa Molao wa Motheo (tekano ya boemo ba balekane lenyalong) le Kananelo ya Molao wa Manyalo a Setso (tekano ya boemo ba manyalo le ya balekane lenyalong)
Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho wa nomoro ya 38 wa 1927, karolo ya 11 (b): Mosadi e mong le e mong ya nyetsweng ho latela molao wa setso (ntle le mosadi wa KZN) o dula a nkuwa a le ka tlase ho dilemo tsa boikemelo ka dinako tsohle.
SEPHETHO SA MOLAO WA SETSO
Boemo ba mosadi bo lekana le ba ngwana ya ka tlase ho dilemo.
Mosadi o hloka matla a bohlokomedi ba ngwana wa hae hobane ka boyena o tlasa tlhokomelo ya monna wa hae.
A ke ke a etsa ditumellano tsa molao ntle le thuso ya monna wa hae kapa ya ntate wa hae.
Ha se moetsi ya nang le ditokelo empa ke moetsuwa feela.
TLHOKOMELO E SUSUMEDITSWE JWANG KE BOEMO BONA BA BOTJHABA?
Ho latela Molao wa Setso tlhokomelo ke tokelo ya boetsi e fetisetswang ho monna le lelapa la hae ke lenyalo.
Hona ho bolela hore ha monna a se a ntshitse bohadi bakeng sa mosadi wa hae, yena le ba lelapa la hae ba fumana ditokelo tsa botswadi ba bana ba tla hlaha lenyalong lena.
TABA YA BOHLOKOMEDI E TSWELA PELE
Bohlokomedi ba bana ba hlahileng lenyalong lena bo matleng a monna bakeng sa Mme le ba lelapa la hae.
Bohlokomedi ba bana ba mosadi ya sa kang a nyalwa bo behwa ho ntate moholo wa lehlakoreng la habo moholo le lelapa la hae
Ha mosadi ya neng a sa nyalwa a nyalwa bohlokomedi ba bana ba mosadi enwa ya neng a hloka monna ha mmoho le bana bo fetisetswa ho monna wa hae le ba lelapa la habo.
Bohlokomedi ho latela molao wa setso ka hoo, bo tsamaya ka motjha wa motho wa monna feela (ke ntho ya banna feela) mme bana ke ba lelapa la habo monna
Bohlokomedi bo laolwa ke monna lebitsong la lelapa la habo
TLHOTLHOMISO YA BANA
Ho latela Molao wa Setso ha ho na bana ba hlokang ntate wa bona, hobane ngwana o tla dula ka dinako tsohle a na le ya ikarabellang ho yena ka dinako tsohle, mohlomong a ikarabella ho batho ha habo Mme wa hae ho latela maele a Setswana a reng: ?Ngwana wa dikgora ke wa ga mmaagwe?(pele ho lenyalo) kapa o tla ba taolong ya ba habo ntate wa hae ho latela maele a reng: ?Kgomo e hatjwa le namane ya yona? o ke ke wa siya namane morao ntle ho tlhokomelo ha o hapa kgomo.
Ho hlokeha hore ho hlakiswe mofuta wa lenyalo leo mosadi e kenang ho lona.
BANA BA MOSADI (BA HLAHETSENG LENYALONG KAPA BA HLAHILENG PELE HO LENYALO)
Bana ba hlahetseng lenyalong: Ke bana ba monna wa mosadi ha mmoho le ba lelapa la habo monna eo ho sa natswe hore ke ba madi a monna eo kapa jwang.
Ho lebeletswe hore monna wa Mme wa bana a amohele bana ba jwalo e le ba hae mme a phethise boitlamo bohle ba botswadi le ho sebeletsa bana bao ka moo ho tshwanetseng ka teng.
BANA BA MOHLOLOHADI
Ho hlokahala ha monna ha ho fedise kamano ya lenyalo.
Karolo ya bana ba mohlolohadi e tsamaya tjena (i) Bana ba hlahang ka lebaka la kenelo
Tlasa molao wa setso wa Ho kenela, lenyalo le ntseng le le teng le ntshetswa pele ke mohlolohadi le monna ya nkelang monna wa hae ya hlokahetseng sebaka.
Mohlolohadi le bana ba hae ba behwa tlhokomelong ya mohlahlami wa monna wa hae ya seng a hlokahetse. Mokenedi ka tlwaelo ke e mong wa ba lelapa la habo monna ya hlokahetseng.
Ba habo monna ya seng a hlokahetse ba amohela boikarabelo ba tlhokomelo ya mohlolohadi ka nako yohle ha feela a ntse a phela, le ho hlokomela hore ho na le Ntate wa bana ba bongata boo mosadi enwa a tla bo kgona le monna eo a mo abetsweng.
Bana ba hlahang mona ho mohlolohadi enwa le mokenedi wa hae ba nkuwa e le bana ba mofu.
Ekasitana le moo setso sa bokenedi se behetsweng ka thoko teng, ha mohlolohadi a ka ba le bana, ha ho natswe kamano ya madi le ntate kapa boitsebiso ba hae, bana ka dinako tsohle ba nkuwa e le ba monna wa mosadi enwa ya seng a hlokahetse mme ke ba leloko la habo monna enwa.
BANA BA MOSADI YA HLADILWENG
Nakong ya karohano bana ka tlwaelo ba dula e le ba leloko la habo monna
Melao e mengata ya setso ha e dumelle mosadi ho boela a nyalwa hape ha ntse a phela tlasa tlhokomelo ya leloko la habo monna eo e neng e le wa hae. O lokela hore a boele habo eleng lapeng la Ntate wa hae haeba a batla ho nyalwa hape.
Nakong eo a boelang a nyalwa hape, ngwana e mong le e mong ya tla belehwa ke mosadi enwa ya hladileng le monna wa hae wa bobedi e tla ba monna enwa wa bobedi, ke ngwana wa bona mme o wela lelapeng la habo monna enwa wa bobedi. Monna enwa wa bobedi ke mohlokomedi wa bana ba jwalo.
BANA BA MOSADI YA HLADILWENG
Mosadi ya hladileng mme a kene lenyalong la hae la bobedi a ka nna a kopuwa ke monna wa hae wa bobedi hore a tle le bana ba hae lenyalong lena (ho bolelang hore bana bao a ileng a ba le bona nakong eo a neng a le tlhokomelong ya Ntate wa hae ka morao hoba a boele hae ha a e tswa lenyalong la hae la pele), mme maemong a jwalo monna o amohela boikarabelo ba ho hapa kgomo le manamane a yona lenyalong lena.
TAOLO LE TLHOKOMELO
Bana ba hlahetseng lenyalong
Dipallo tsa karolo ya 11 (b) tsa Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho di tla laola boemo ba ditaba ? mosadi o tla dula a nkuwa jwalo ka ngwana e monyenyane ya hlokang boikarabelo mme monna wa hae e tla ba mohlokomedi wa hae. Sephetho sa karolo ena e tla ba se latelang: Basadi ba batho ba batsho ba sa nyalwang ke batho ba baholo ba nang le boikarabelo ditabeng tsa bona, mme basadi ba batho ba batsho ba nyetsweng ka lenyalo la ha khomishenara le bona ke batho ba baholo ba nang le boikarabelo ditabeng tsa bona, empa basadi ba batho ba batsho kaofela ba ka tlase ho dilemo tse mashome a mabedi o motso o mong kapa ba nyetsweng ho latela lenyalo la setso, ba tla dula ba nkwa jwalo ka batho ba ka tlase ho dilemo mme ba hloka boikarabelo ditabeng tsa bona.
Basadi ba batho ba nyetsweng ho latela molao wa setso ba hlokiswa boemo ba bongata bo tlang ka lebaka la lenyalo kapa ekasitana le ha ba fihla dilemong tse 21 ho latela Molao wa Dilemo wa Bongata.
Boemo bona bo hanela basadi bana bokgoni ba ho kena ditumellanong tsa molao ka bobona le boemong ba bana ba bona.
Ka hona, Molao wa setso wa Ma-Afrika o hloleha ho tiisetsa basadi ba Ma-Afrika boemo ba tekano le tshwaro ya molao jwalo ka ha o fuperwe ke Molao wa Motheo.
Basadi ba batho ba batsho ba ke ke ba fetoha dihlooho tsa malapa a bona le ho fetoha bahlokomedi ba bana bao eleng ba bona hobane ba tadingwa jwalo ka bana ba ka tlase ho dilemo.
Ka hoo karolo ena e kgothaletsa kgethollo ya basadi ho latela taba ya botona le botshehadi kapa bong mme ka hoo, e hohlana le Molao wa Motheo.
Karolo ena e matlafaditse motheo wa tsela ya dintho hore di etswa ke banna mme e fa banna matla le taolo ya bophelo le theepa ya basadi ba bona.
TLHOKEHO YA PHEDISO LE HO FETOLWA HA MOLAO ONA.
Ho kena tshebetsong ha Molao wa Kananelo ya Manyalo a setso wa 2000
Kananelo ya manyalo a setso
Boemo bo lekanang manyalong
Boemo ba tekano le tshwaro ya balekane lenyalong
Molao wa Tlhokomelo o fanang ka tokelo ya tlhokomelo ya bana ho batswadi ka bobedi
BANA BA HLOKANG BO-NTATE BA BONA (DIKGAUPANE)
Monna o nkwa e le ntate wa bana bao ba jwalo mme a ke ke a iphapanya boteng ba bona. Ho latela maemo a kemolo le tswalo ya bona, ba ke ke ba bonahala le ho kgethollwa baneng ba lenyalo ka tsela e bonolo.
Monna ke mohlokomedi ebile ke yena ya nang le matla a taolo, o tlamehile ho amohela bana bana kaofela ha mmoho le bana ba hlahetseng lenyalong. Ke ditho tsa sehlopha sa lelapa la hae. (Setswana: Ngwana wa dikgora). Bo-Ntate ba bana bana ba madi ha ba na tokelo ho bona.
Tlasa mokgahlelo o tshwanang le ona oo ho tla wela le bana bao Mme wa bona a ileng a kenelwa.
Molao wa Setso ka kutlwisiso ena o nyallana le karolo ya 8 ya Molao wa Motheo mme ha o kgetholle bana ho latela moo ba tswang teng kapa tswalo ya bona.
BANA BA KANTLE HO LENYALO
Ke bana ba welang lelapeng la habo Mme wa bona.
Ha mmabona a ka nyalwa, yena ha mmoho le monna wa hae ba fetoha bahlokomedi ba bana bao. Monna o fumana matla a botswadi baneng bana ho latela maele a reng : ?Kgomo e hatjwa le namane?. Ho ke ke ha hlola ho ba le phapano dipakeng tsa bana bao le bana ba lenyalong. Ka hoo ha ho na kgethollo hape dipakeng tsa bana jwalo ka Molao wa Molao wa Motheo o tsepamisitse.
TLHOKOMELO LE TAOLO KA MORAO HO KAROHANO
Motheo wa Ditabatabelo tse Molemong wa Ngwana o kentswe jwalo ka karolo ya Molao wa Setso
Ha karohano e fihla bana ka tlwaelo ba tla dula e le ba lelapa la habo Ntate wa bona.
Ha mosadi a siya ba lelapa la habo monna wa hae a ke ke a tsamaya le bana ba hae. (O ntse a hloka matla a taolo mme o lokela ho hlokomelwa ka boyena)
Haeba a batla ho lwantsha boemo bona ba ditaba, jwale yena le mohlokomedi wa hae ba ka nka mohato o kgahlano le monna wa hae mme ba supa hore ha se motho ya loketseng, le hore ha a nepahala hore a ka fuwa taolo ya bana. Hona ho bolela hore ka dinako tsohle ho dula ho na le kgopolelo ya hore monna wa hae le ba lelapa la hae ke bona ba lokelang ho fumana tlhokomelo nakong ya karohano. Ba na le tokelo e bopeletsweng ya tokelo ya tlhokomelo ya bana.
TLHOKOMELO LE TAOLO KA MORAO HO KAROHANO
Maemong a mang moo bana ba tla tlohelwa tlhokomelong ya Mme wa bona, ke moo ba sa ntsane ba anya. (ba le letsweleng). Ona ke o mong wa mehlala ya moo tabatabelo e molemong wa bana e tla nkellwa hloohong ho feta ditokelong tse bopeletsweng tsa Ntata tse mabapi le taolo ya bana.
Makgotla a Setso ka lebaka lena a fane ka tokelo e bopeletsweng ya taolo ya tlhokomelo ya bana nakong ya karohano mme ho tla tswa feela ho motho ofe kapa ofe ya qhelang sena hore a bontshe hore ho ke ke ha ba molemong wa ditabatabelo tsa bana haeba Ntata bana a ne a ka abelwa taolo ya tlhokomelo ya bana. (boikarabelo ba pontsho onus)
TEKOLO TSA DITABATABELO TSE MOLEMONG WA BANA
Bana ba banyenyane ba sa ntsaneng ba nyanya ba tla fuwa mmabona, ka kutlwisiso ya hore ha ba se ba hodile ba tla kgutlisetswa ho ntatabona. Bana ba ka bobona ha ba na kgetho mabapi le motswadi eo ba neng ba tla rata ho dula le yena.
Dintlheng tse ding le ha ho le jwalo ho ile ha tadingwa tshwaneleho ya motswadi ofe kapa ofe tabeng ya ho ka hlokomela ditabatabelo tse molemong wa ngwana.
Motheo wa tsohle tse etswang tikoloholong ya banna ke ona o sa ntsaneng o nkeletswe hodimo ho feta ho tadima tabatabelo e molemong wa ngwana
Ha ho na tshwaro e lekanang ya mahlakore ana nakong ya karohano
Bana ba kwetswe molomo mabapi le ditokelo tsa bona mme diqeto di qobellwa ho bona mabapi le hore ke sefe se tla ba tshwanela
PHETHELO
Molao wa Setso, ka tsela ena, o na le ditemana tse nyallanang le Molao wa Motheo le Kananelo ya Molao wa Manyalo a Setso. Ditemana tse ding, le ha ho le jwalo, di hohlana le dipallo tsa Molao wa Motheo mme ho ntse ho na le ho se kgeme ho teng mabapi le molao wa motheo dintlheng tse ding. Ditemana tsena ke tsona tse lokelang ho shejwa ka matla a maholo makgotleng a dinyewe. Lebaka la mantlha ke hore karolo ya 11 (b) ka boyona e fedisitswe mme ka hoo, tlhokeho ya tekano kae kapa kae boemong ba banna le ba basadi e ke ke ya tswela pele ho ba teng ntle le motheo.
